Lefokisi le llelwa ke ditshepe kgetlo la bobedi kgweding

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

Ka Teboho Moloi

BETHLEHEM – Lekala le fuputsang ditlolo tse hlokolosi tsa molao profensing ya Free State la di Hawks le boetse le qhauditse lefokisi la sepolesa sa Afrika Borwa le dilemo di 58 la Fouriesburg, le sebetsanang ka boshodu ba diphoofolo ka Labohlano lala 29 Pudungwana.

Lefokisi lena le lletswe ke ditshepe kamora hore mafokisi a di Hawks a sale tlhaiso leseding ya lekala la mautlwela ka pelaelo ya botlokotsebe bo etsahalang lapeng la hae.

Ho sale jwalo ho fihleng hwa bona ka lengolo laho phenyekolla(search warrant) ba fumane thepa yeo hoya ka molao wa sepolesa esa lokelang hotswa kahara dikantoro kapa hona hoba matsohong a setho se feng kapa se feng sa sepolesa ntle le tumello.

Hoya ka mmuelli wa di Hawks Free State Fikiswa Matoti, lefokisi lena le qhautswa tjena lekgetlo la bobedi kgweding ele nngwe (Pudungwana) ele ha lekgetlo la pele teng a ile a fumanwa ka sethunya se seng molaong, mme a llelwa ke ditshepe le hoja hamorao a ile a lokollwa ka bail.

Hara tse fumanweng lapeng la mmelaelwa ho kenyeletsa di docket tse sokang di phethelwa, mahlaahlela, mekotla ya bopaki e tshetseng mehala ya thekeng le di registara tsa mapolesa hara tse ding.

Bopaki bohle bo kgutletse matsohong a sepolesa ele hore hotlo etswe diphuputso tse tswellang.

Tebello ke hore o tla hlahella kapela lekgotla la magistrata la Bethlehem haufinyana a qoswa ka hoba le mahlaahlela a seng molaong le thepa e belaellwang ele ya boshodu.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
23/01
Fri
33°C
clear sky
Sat
daily_wether_icon
33°C
34°C
Sun
daily_wether_icon
35°C
35°C
Mon
daily_wether_icon
33°C
37°C
Tue
daily_wether_icon
31°C
31°C
Wed
daily_wether_icon
32°C
31°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
33°C
Fri
daily_wether_icon
27°C
32°C
Related Posts
IMG-20260121-WA0009
Read More
IMG-20251014-WA0034
Read More
IMG-20260120-WA0011
Read More
19 January 2026
Ha ketlo ipolaya kapa ho ba bolaya !-Ahanang banna
Ka Teboho Moloi QWA QWA-Nakong ena eo dipalopalo tsa dipolao tsa basadi, bana le banna ba nkang maphelo...
13 January 2026
Mokubung o tswa boemong ba pele
QWAQWA- Barutwana mmoho, batswadi le baahi ba Bluegumbosch ba se ba qadile ka ho keteka mmoho le Bokang...
12 January 2026
MaRasta a lwanetse tokoloho ya SA!
Ka Teboho Moloi QWA QWA-Molatedi wa tumelo ya bo-Rasta, Tumelo Charlse Philemons jwalo ka badumedi ba...
13 December 2025
Holekane ka dikotsi, Fihla O phela!
Ka Teboho Moloi REITZ- Lefapha la polokeho mebileng, ka kopanelo le kantoro ya majoro wa setereke sa...
04 December 2025
Baahi ba nka maikarabelo a ho itukisetsa ditsela
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Ba bang ba baahi ba karolo ya bone motseng wa Mandela Park lebatoweng la bo 35...
30 November 2025
Lefokisi le llelwa ke ditshepe kgetlo la bobedi kgweding
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM – Lekala le fuputsang ditlolo tse hlokolosi tsa molao profensing ya Free State...
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...