Ka Teboho Moloi
REITZ- Lefapha la polokeho mebileng, ka kopanelo le kantoro ya majoro wa setereke sa Thabo Mofutsanyana, makala a mmuso a akhang la polokeho, bophelo, bahlanka ba tsa sephethephethe le seponesa ba thakgotse letsholo la Fihla O Phela, le neng le tshwaretswe mateanong a mmila wa R26 le R57 Reitz Ka Labohlano la 12 Tshitwe, 2025.
Motlatsa motsamaisi wa lefapha la polokeho mebileng seterekeng sa Thabo Mofutsanyyana Thokozile Hadebe o re bakgethile sebaka sena ka ha se na le nalane e mpe ya dikotsi tsa makoloi.
Hadebe o hlalositse ha hole bohlokwa ho nehelana ka thuto ho bakganni mmoho le basebedisi bohle ba tsela ka bohlokwa ba ho hlompha matshwao a tsela lebitsong la ho pholosa maphelo le ho qoba dikotsi.
“Ka nako ena ya sehla ke nnete re bona ho nyoloha ha dikotsi mebileng le tahlehelo ya maphelo ya baahi ka bongata, jwale ke toka ebile hoya hlokahala ho tsosolosa matsholo ana , “Hadebe wa hlalosa.
Ramotse wa setereke ya tshwereng mokobobo ThembiNkosi Mahlambe o ipileditse ho baahi ba setereke le bakganni hoba le mamello tseleng, ho nehelana sebaka dipakeng tsa makloi a bona ha ba khanna le ho ipha nako e lekaneng ya ho phomola nakong ya maeto a bona a malelele.
Mahlambe o seholotse ka bohale tshebediso ya tai ke bakganni ekasitana le bapalami ka makoloing nakong ya maeto a bona, le ho ipiletsa ho qoba ka hohle tshebediso ya jwala ka makoloing.
“Ho bohlokwa mona ke hore bohle ba finyelle malapeng a bona ba bolokehile, hotla keteka matsatsi a phomola a mafelo a selemo ka lethabo eseng ka dillo, moo ba ka iphumana ba lokelwang ho hlophiswe ditaba tsa mapato,” Mahlambe o boletse jwalo.
Ba bang ba bakganni ba bontshitse kananelo le ho phuthuloha ha ba bona mofuta ona wa matsholo, hore ha tshepa hore mebila e tla dula e bolokehile.
E mong wa bakhanni ba makoloi a baeti a maeto a matelele, Tshepo Mokoena o boletse ha boteng le ho bonahala ka bongata ha bahlanka ba molao, bo tlisa boitshwaro bo botle ba bakganni mme seo se fokotsa menyetla ya dikotsi tse ka etsahalang.
Haditaba di sale jwalo letsholo lena, lefapha le nehelane ka kgau ya tlotlo ho qhoku ya letsholo la Fihla O Phela le polokeho mebileng seterekeng sena, ya sebeditseng dilemo tse ka hodimo ho 40 mme hajwale ale dilemo di 85.
Ntate moholo Gerrie Lubbe o tlutlilwe ka lengolo la kananelo.
Athe kantoro ya ramotse wa setereke le yona e nehetswe kgau ya ho tsheyetsa kamehla matsholo ana, ekasitana le khamphani ya Workshop Electronic, Dr Mokhadi le motlatsa motsamaisi Thokozile Hadebe ya behang meja fatshe.