Ka Teboho Moloi
FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula, o phatlalditse ha ba tlo romella bahlanka ba molao ka bongata, le ho bana le matsholo a managata a thibelo mebileng nakong ena ya mafelo a selemo.
Mbalula o re hona ho tla netefatsa polokeho ya basebetsi ba mebila, ho fokosa dikotsi mebileng le ho lwantsha botlokotsebe.
O buile sena nakong ya ho kwala se mmuso kgwedi ya dipalangwang a le setsheng sa matekesi se Ficksburg Meqheleng ka Labone 30 Mphalane.
Mbalula o hlalositse ha a tshwenyehile haholo ke maemo a polokeho ledibohong la Ficksburg, ho latela ho ata ha ho kena ha Basotho ka tsela tse seng molaong ho tshelela naheng ya Africa Borwa ho tswa Lesotho.
O sa tswa lekola maemo a polokeho le tshireletso nakong ena ho lebeletsweng mothamo wa baeti hotla matsatsing a phomolo a mafelo a selemo.
Mbaluala o re masoba a butswing ke baeti terateng ya lediboho lena ho etsa ho be boima ho basebeletsi ho tlisa tshireletso.
O re ba bang ba batlodi ba molao ba sebedisa ona masoba ana hotswa le ho kena kahara naha ena.
“Polokeho ya baahi, bapalami le basebedisi ba mebila ya rona ke ngongoreho e kgolo re le mmuso. Re tlo kenya le ho ntlafatsa matsholo a rona sehleng sena papiso le tshebetso ya rona ya matsatsi a paseka,”ho rialo Mbalula.
O tlalehile ha ka paseka ho ne ho sena dikotsi tse fitileng ka maphelo a batho kahara profense.
“Bothata bo boholo ke hore re profense eo batho ba fetang kahara yona ha ba nka maeto a bona a malelele ho ya diprofenseng tse ding.
Dipalopalo di re bontsha ha dikotsi tse mpe di etsahala nakong tsa mesong bosiu, ha mekgathala etlabe e kenetse bakganni ka lebaka la ho kganna sebaka se se telele ba sa phomole,”ho eketsa Mbalula.
Ha a qhelela ka thoko hore tshebediso ya tai ka bakganni ke sesosa se ka sehlohong dikotsing tse ngata tsa mebileng. O re ho tsamaya ha ditaaso mebileng ba apere diaparo tse lefifi ho boyetse ke sesosa se bakang hore bathulwe ke makoloi.
Ha ditaba di sale jwalo o ipileditse ho setjhaba ho sebedisana mmoho le seponesa lebitsong la ho tlisa tshireletso, ho lwantsha botlokotsebe le ho tshwarwa ha babolai ba thuntseng boraditekesi tikolohong ena morao tjena.
Modulasetulo wa mokgatlo wa ditekesi wa Ficksburg (FITA) Sinos Mthimkhulu bo re ele borathepa Meqheleng ba setse ba le bang mme ba qobeleha ho kenya mekgwa ya hore ho itshireletse kaha seponesa se hulanya maoto.
O netefaditse hore ditho tse pedi tsa bona dibolailwe ke rasethunya mme mongodi wa mokgatlo wa habo o ntsa lwanela bophelo ba hae sepetlele.