Batshwaruwa ba tswelapele ho jala ntlwana tshwana

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Komishinara Free State le North Cape Subashini Moodley le ngwanana wa Indoni.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Mokomishinara wa lefapha la tlhabollo ya batshwaruwa Free State le Northern Cape Subashini Moodley o re lenaneo la bona la tlhaiso ya dijo ke batshwaruwa, ke karolo ya mohato wa ho ba thusa hore haba lokollwa ditlamong ba tsebe ho iphidisa.

Moodley o re ka ha hangata hona le phephetso hore motho ha a tswa tjhangkaneng a se fumane monyetla wa khiro ke bo ramosebetsi, ka hona ba fana ka tsebo hore ba kgone ho iphidisa ka bo bona le hose bolawe ke tlala, kaha tlala elaba qobella ho etsa tlolo tsa molao.

Morao tjena lefapha le nehelane ka dithuso tsa dijo tse hlahisitsweng ke batshwaruwa, ho mokgatlo wa bana wa setso wa INDONI tse kenyeletsang meroho, mahe le borotho.

Lefapha Free State lena le dipolasi tse tharo ditsheng tsa batshwaruwa tse kenyeletsang Goedemoed, Groenpunt le Grootvlei.

“Re fana ka tsebo ya hore ba sebedise mobu kapa lefatshe jwang ho jaleng le ho iketsetsa mosebetsi. Ba bang bana le tsebo ka ho sebetsa ka mahe mme ho kaba bobebe hore ba fumane mesebetsi ho ba hlaisi ba mahe,”

Moodley o ipileditse ho setjhaba ho ela hloko bohlokwa baho boyela ho amohela bao baseng ba hlabolotswe, hore baikutlwe ba amoheleile hape setjhabeng kamora ho phethela kahlolo tsa bona.

“Mosebetsi wa rona ke nnete ke ho kwalla, ho hlokomela batshwaruwa empa re boyetse re nehelana ka tlhabollo ho bona. Re ba thusa ka ditsebo, dithuto hore ba hlabolehe le ho phela le setjhaba hape,” ho tiisa Moodley.

O re lefapha lena le mananeo a mangata a thlabollo ele ho thusa batshwaruwa ho fumana monyetla wa bobedi.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
10/11
Mon
15°C
overcast clouds
Tue
daily_wether_icon
23°C
25°C
Wed
daily_wether_icon
27°C
31°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
30°C
Fri
daily_wether_icon
29°C
29°C
Sat
daily_wether_icon
16°C
17°C
Sun
daily_wether_icon
23°C
23°C
Mon
daily_wether_icon
22°C
23°C
Related Posts
IMG-20251106-WA0006
Read More
Murder accused Tshepang Mapiloko.
Read More
IMG-20251014-WA0034
Read More
03 November 2025
FS e ntlafatsa matsholo a polokeho mebileng
Ka Teboho Moloi FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula,...
03 November 2025
Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi...
31 October 2025
Sarko e batla hlooho ya Lebesa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Mokga wa South African Royal Kingdom (SARKO) lekgotleng la motse le hulang...
23 October 2025
SALGA e fa Lebesa kgau
MMC Bridgette Lebesa o thabetse ho fuoa moputso oa SALGA hobane o ne a sa o lebella.
23 October 2025
Nyewe ya molekgotla e kgutlisetswa morao lekgetlo la ho qetela
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Lekgotla la dinyewe la Phuthaditjhaba le boyetse le kgutliseditse morao nyewe...
22 October 2025
Basebeletsi ba mmuso ba masoba maikutlong -QAC
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Motsamaisi wa mokgatlo o sa etseng phaello wa Qholaqhwe Advice Center (QAC) Mapaseka...
22 October 2025
Mosuwetsana o hopola morutwana wa hae wa ho bolawa ka sehlooho
Mosuwetsana wa sehlopha setlase lekaleng la thuto, Lehakoe Moloi o re polao ya morutwana wa hae e sehlooho...
17 October 2025
Lefapha la bodulo le netefatsa hore ho heletswa ha matlo ho keke hwa ama RDP
Letona la lefaphaa la bodulo, Saki Mokoena ore letsholo la bona la ho heletsa matlo a mobu Free State,...
17 October 2025
Moruti Lakaje o khothatsa basebedisi ba ditsela hore ba be hlokolosi nakong etlang ya matsatsi a phomolo
17 October 2025
Lekgotla le thoba lelapa la Letlala matshwafo
QWA QWA -Ditho tsa lelapa la Frank Letlala (75) wa Phuthaditjhaba a ileng a bolawa ka pelaelo ya hore...