Basebeletsi ba mmuso ba masoba maikutlong -QAC

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Mosebetsi wa mmuso o sitwa ho pata bohloko.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Motsamaisi wa mokgatlo o sa etseng phaello wa Qholaqhwe Advice Center (QAC) Mapaseka Madonsela o re bongata ba basebeletsi ba mafapha a mmuso a fapaneng ba tswelapele ka mesebetsi ya bona letsatsi ka leng le hoja bana le maqeba a sa foleng meyeng ya bona, ka lebaka la mesebetsi ya bona.

Madonsela o buwile sena nakong ya tshebeletso ya mokgatlo ona, le mafapha a mmuso holong ya college ya mehleng ya mesuwe ya Tshiya ka Labobedi 21 Mphalane , ele ho tshwaya letsatsi la matjhaba la maqeba meyeng ya basebetsi ba mmuso ele hore trauma.

Tshebeletsong ena baruti, bakgothatsi le bao ba thobang maikutlo ba hlotse ba fodisa meya ya basebetsi ba mmuso bantseng bana le maqeba, a bakilweng ke mesebetsi ya bona.

Mandonsela o re sepheo ka tshebeletso ena le ho nehelana ka sebaka ho basebeletsi ba mmuso ho arolelana ka dipale tsa bona tse ba baketseng maqeba moyeng ele ho leka hoba nehela pholo.

“Diphuputso di bontshitse ha ho bua ka diketsahalo tsena tseo baileng ba feta ho tsona ho tlisa pholo ka potlako, ebile ba boyetse ba utlwa dipale tsa basebetsi ba mafapha a mang,” ho rialo Madonsela.

O re ba boyetse ba nehelana ka sebaka se bolokehileng hore ba phuthulohe hore baka arolelana ka dipale tseo tsa bona le tsheyetso.

“O tla hopola hore pele eba basebeletsi ba mmuso ke batho ba nama le madi, bo ntate le bo mme ba malapa bao bana ba bona ba hlokang tsheyetso tsa bona ebile le bona le bana ho batswadi ba bona,” ho eketsa Madonsela.

“Re hloka dithapelo, ho boima”

Seponesa sena se netefaditswe ke offisiri e ka hodimo hotswa sepoenseng sa Phuthaditjhaba, Lt Colonel Motshoari , ha a na pheta maemo ao bahlanka ba seponesa ba sebetsang tlasa ona.

Motshoari o re ditho tsa bona diile tsa qobeleha ho tswelapele ka mosebetsi wa bona wa seponesa ho sanatse ho thungwa le ho bolawa ha basebetsi mmoho le bona.

O re bahlanka ba seponesa ba lebeletswe ho tswelapele ho tshireletsa setjhaba le ha bana le maqeba a tibileng meyeng. O re tikolohong ya habo selemong se holimo sa ditjhelete base ba lahlehetswe ke maphelo a ditho tse tharo ka ho hlasellwa ke ditlokotsebe.

“Eya kea dumela hore ramosebetsi ona le metjha e thusang ka ho thoba maikutlo jwalo ka EHW, empa hoo hao tlose leqeba la ho lahlehelwa ke mosebetsi mmoho eo eseng ele ngwana heno ka ho thungwa o mo shebile kapa molekane,” ho rialo Motshoari.

O ipileditse ho setjhaba ho rapella bahlanka ba seponesa ka mehla, hoba nakong eo ba tsamayang malapeng a bona, ha bana netefaletso hore ebe batla kgutla ba phela. O re ho utlwisang bohloko ho feta ke hore ba lebeletswe hore base bontshe maikutlo.

“Ho boima, ho thata empa retla tswelapele feela rehloka dithapelo,” Colonel.

“Ngwana (5) o hlabuwa makgetlo a fetang 30 ka thipa,”

Ha ditaba di sale mothating ona mosuwetsana wa bana ba sehlopha setlase lefapheng la thuto Free State Lehakoe Moloi, o re polao ya morutwana wa hae e sehlooho eo aneng ale dilemo tse hlano ka nako eo, a la hlabuwa ka makgetlo a fetang 30 ka thipa hofihlela a timela- ho mosiile ka leqeba le sa foleng moyeng jwalo ka mosuwetsana.

O re le hoja hana kgetha lekala le hoba morutisi wa bana, le ka mohla o nasa nahane aka kopana le ketsahalo e sehlooho jwalo.

“Le hoja kesahalo esa etsahala sekolong empa kamora ho fumana pihi, kela lebellwa ho tswelapele ka honehelana ka dithuto ho bang, yena asa le siko.

Hopola morutwana o fetoha ngwana wa hao o le mosuwe hoba le katamelo eo ebang teng,” ho hlalosa Moloi.

Moloi o re kamora ketsahalo eo, ntho e nyane feela hosanatse hore o hokae e kgutlisa bohloko ba leqeba leo.

O re o setse ka leqeba lesa foleng moyeng, empa o tsheheditse matsholo ana a Qholaqhwe le ho a hlalosa a tlisa diphethoho ho bona hore ba kgone ho arolelana ka se bajang ka hare maikutlong.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
20/11
Thu
14°C
clear sky
Fri
daily_wether_icon
28°C
29°C
Sat
daily_wether_icon
31°C
31°C
Sun
daily_wether_icon
31°C
32°C
Mon
daily_wether_icon
27°C
24°C
Tue
daily_wether_icon
26°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
30°C
34°C
Thu
daily_wether_icon
32°C
21°C
Related Posts
IMG-20251119-WA0022
Read More
video-thumb-1763585621
Read More
video-thumb-1763585154
Read More
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...
15 November 2025
Dikwankwetla e hlahisa hlooho hape
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) Moeketsi Lebesa...
11 November 2025
Lefu la mokganni wa makoloi a baeti le amme lelapa
Setho sa lelapa la mokganni wa makoloi a baeti tse nyane tse sebeletsang setsheng se tshelang mafura...
03 November 2025
FS e ntlafatsa matsholo a polokeho mebileng
Ka Teboho Moloi FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula,...
03 November 2025
Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi...
31 October 2025
Sarko e batla hlooho ya Lebesa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Mokga wa South African Royal Kingdom (SARKO) lekgotleng la motse le hulang...
23 October 2025
SALGA e fa Lebesa kgau
MMC Bridgette Lebesa o thabetse ho fuoa moputso oa SALGA hobane o ne a sa o lebella.