Baahi ba nka maikarabelo a ho itukisetsa ditsela

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Baahi ba itukisetsa ditsela.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA-Ba bang ba baahi ba karolo ya bone motseng wa Mandela Park lebatoweng la bo 35 ba inketse qeto ya ho beha maikarabelo a ho lokisa ditsela tseo ba reng di se di fetohile mangope le ho beha maphelo a bona kotsing.

Karolo ya baahi ba na e kenyeletsang bo ntate ba motse ona, ba re ba bone hole molemo ho kopanya matsoho ka ha Sesotho se re letshwele le peta pooho, ho ntsha tjhelete e kalo ka R140-00, ho reka majwe a tla sebetsa ho kata tsela tse senyehileng kahara motse wa bona.

Mmuelli wa baahi Kopane Mokhele o re maemo a mabe a senyehileng a ditsela tsa bona a thathafatsang maphelo a bona a letsatsi ka leng, a ba qobelletse ho nka bohato ho itukisetsa tsela tsena.

Mokhele o re ditsela tsena di bakile temalo makoloing a bona, ho kenyelleditse le makoloi a tshohanyetso, tsa mapato, bana ba sekolo ekasitana le tsa seponesa ho kena kahara motse.

O behile molato hoba pusong ka ho hloleha ho utlwela dillo tsa bona bakeng sa tukiso ya ditsela tsena le hoja ba tseba ka kotloloho ka tsona le ka moo di thathafatsang maphelo a bona.

Setho sa komitti ya lebatowa Mofou Makau o re bothata ba ditsela kahara lebatowa la habo ke ba dilemo-lemo ntle le tharollo kaha ho sena motho a ikitlahetsang ho nka maikarabelo hothusa setjhaba Sena.

Makau o re bothata ke hore lebatowa lena le arohane dikoto.

One Response

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
23/01
Fri
33°C
clear sky
Sat
daily_wether_icon
33°C
34°C
Sun
daily_wether_icon
35°C
35°C
Mon
daily_wether_icon
33°C
37°C
Tue
daily_wether_icon
31°C
31°C
Wed
daily_wether_icon
32°C
31°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
33°C
Fri
daily_wether_icon
27°C
32°C
Related Posts
IMG-20260121-WA0009
Read More
IMG-20251014-WA0034
Read More
IMG-20260120-WA0011
Read More
19 January 2026
Ha ketlo ipolaya kapa ho ba bolaya !-Ahanang banna
Ka Teboho Moloi QWA QWA-Nakong ena eo dipalopalo tsa dipolao tsa basadi, bana le banna ba nkang maphelo...
13 January 2026
Mokubung o tswa boemong ba pele
QWAQWA- Barutwana mmoho, batswadi le baahi ba Bluegumbosch ba se ba qadile ka ho keteka mmoho le Bokang...
12 January 2026
MaRasta a lwanetse tokoloho ya SA!
Ka Teboho Moloi QWA QWA-Molatedi wa tumelo ya bo-Rasta, Tumelo Charlse Philemons jwalo ka badumedi ba...
13 December 2025
Holekane ka dikotsi, Fihla O phela!
Ka Teboho Moloi REITZ- Lefapha la polokeho mebileng, ka kopanelo le kantoro ya majoro wa setereke sa...
04 December 2025
Baahi ba nka maikarabelo a ho itukisetsa ditsela
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Ba bang ba baahi ba karolo ya bone motseng wa Mandela Park lebatoweng la bo 35...
30 November 2025
Lefokisi le llelwa ke ditshepe kgetlo la bobedi kgweding
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM – Lekala le fuputsang ditlolo tse hlokolosi tsa molao profensing ya Free State...
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...