Dipalopalo tsa lefuba di nyolohile FS

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Letola La Bophelo, Free State Monyatso Mahlatsi

Ka Teboho Moloi

QWAQWA- Letona la lefapha la bophelo Free State Monyatso Mahlatsi o re, o ngongorehile ke dipalopalo tse nyolohang tsa batho banang le tshwayetso ya lefuba ho potoloha le profense.

Mahlatsi o hlalosa hore profense e tobane le bothata ba bakudi ba qalang leeto la bona ho fumantshwa pheko ya lefuba empa ba be basa qete leeto leo.

O entse tlhokomediso ya kotsi ya ho se qete leeto lena ho fumana ditlhare tsa lefuba, ke hore e kgutla ese ele kotsi e menahane ele MDR. Bakudi ba lefuba ba behelwa dikgwedi tse tsheletseng honka ditlhare ho lwantsha tshwayetso ena.

O hlalositse ha ele lefapha bale mathuleng a ho fedisa mela e melele ditsheng tsohle tsa bookela hopotoloha le profense le ho etsa ditshebeletso tsa bona hoba tseo bakudi ba sa emeng mela emelele haba etela ditsha tsena.

O hatiseleditse ka hore hofihlile thlokomelong ya bona hore babang ba bakudi ba qetella ba ngadile ditsheng tsena, nakong eo ba latang ditlhare tsa bona ka lebaka la mela eo.

Baahi ba tletleba ka tshebetso e monyebe ya basabeletsi ba lefapha ditsheng tsena, tshwaro esenang tlhompho le botho ekasitsana le palo esa kgotsofatseng ya basebeletsi ba bophelo.

Ka holeleng basebetsi bare bana le kgatello e kgolo ya mosebetsi moo ba lebeletsweng ho thusa palo e holimo haholo ya bakudi mooki ka mong.

“Kennete lefapha lena le kgaello ya baoki empa rentse re nehelana ka ditshebeletso ho baahi ba rona tsa manthla. Lebakabaka le leholo ke maemo a moruo Mme ke nako jwale hore baahi le bona balese ho tsheyetsa dikgwebo tsa batho bass pataleng lekgetho,” Mahlatsi.

O eketsa ka hore ha meralo ya bona ekenyeletsa mekgwa etlo potlakisa ho fumaneha ha ditlhare bakeng sa mafu asa phekoleheng ka potlako ntle leho fola mela ke ba amohedi ba ditlhare tseo.

“Maikemisetso a rona nnete feela ke hore bakudi ba rona ba nke nako e katlase ho hora feela nakong eo ba etetseng ditsha tsa rona tsa bophelo, batho haba lokela ho iphumuna ba qeta letsatsi lohle ditsheng tsa kokelo,”ho eketsa Mahlatsi.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
10/11
Mon
16°C
overcast clouds
Tue
daily_wether_icon
23°C
25°C
Wed
daily_wether_icon
27°C
31°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
30°C
Fri
daily_wether_icon
29°C
29°C
Sat
daily_wether_icon
16°C
17°C
Sun
daily_wether_icon
23°C
23°C
Mon
daily_wether_icon
22°C
23°C
Related Posts
IMG-20251106-WA0006
Read More
Murder accused Tshepang Mapiloko.
Read More
IMG-20251014-WA0034
Read More
03 November 2025
FS e ntlafatsa matsholo a polokeho mebileng
Ka Teboho Moloi FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula,...
03 November 2025
Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi...
31 October 2025
Sarko e batla hlooho ya Lebesa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Mokga wa South African Royal Kingdom (SARKO) lekgotleng la motse le hulang...
27 October 2025
Officer helps disabled girl get medical care
By Emily Setona QWAQWA – A Harrismith police officer has been hailed for her compassion after stepping...
23 October 2025
SALGA e fa Lebesa kgau
MMC Bridgette Lebesa o thabetse ho fuoa moputso oa SALGA hobane o ne a sa o lebella.
23 October 2025
Nyewe ya molekgotla e kgutlisetswa morao lekgetlo la ho qetela
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Lekgotla la dinyewe la Phuthaditjhaba le boyetse le kgutliseditse morao nyewe...
22 October 2025
Basebeletsi ba mmuso ba masoba maikutlong -QAC
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Motsamaisi wa mokgatlo o sa etseng phaello wa Qholaqhwe Advice Center (QAC) Mapaseka...
22 October 2025
Mosuwetsana o hopola morutwana wa hae wa ho bolawa ka sehlooho
Mosuwetsana wa sehlopha setlase lekaleng la thuto, Lehakoe Moloi o re polao ya morutwana wa hae e sehlooho...
17 October 2025
Lefapha la bodulo le netefatsa hore ho heletswa ha matlo ho keke hwa ama RDP
Letona la lefaphaa la bodulo, Saki Mokoena ore letsholo la bona la ho heletsa matlo a mobu Free State,...
17 October 2025
Moruti Lakaje o khothatsa basebedisi ba ditsela hore ba be hlokolosi nakong etlang ya matsatsi a phomolo