Dikwankwetla e hlahisa hlooho hape

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Moetapele wa DPSA Moeketsi Lebesa.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) Moeketsi Lebesa ha a hanyetsana le maikutlo a ba hlophulli ba dipolotiki le setjhaba, hore le hoja Dikwankwetla e bapetse karolo e ka sehlohong ho aha Qwa Qwa, empa ba lahlehetswe ke botshehetsi bo bongata le tshepo ho tswa ho baahi.

O buile sena nakong ya seboka sa boraditaba Ka Moqebelo wa la 08 Pudungwane Phuthaditjhaba.

Lebesa o hlalositse hore ele mokga ba nkile qeto tataisong ya Komitti ya phethahatso le ditho kopanong ya mokga ya “BOSBERAAD” ho akga sefahleho botjha. O tshwahile phoso ho wela ha baahi lerabeng la mekga emeng ya dipolotiki, ka tshepiso tseo dineng di hloka nnete ho nka puso matsohong a mokga wa habo, ele sona se putlamisitseng maemo a lehae lena la mehleng.

“Kennete re a dumela le rona hore rene re se, re se haufinyana le setjhaba ebile le diqi tsa rona dise disa utlwahale le hahole jwalo maano a qeto tsa kopano ya BOSBERAAD ena a lwanela Qwa Qwa ya ha borona,”Lebes awa hlalosa.

Dikwankwetla ene busi lehae lena la mehleng bakeng sa dilemo tse 19 tlasa boetapele ba Dr Tshiame Kenneth Mopeli hofihlela selemong sa 1994 ho tloha 1975 e le se etsang dilemo tse 31 o tswile pusong.

Leha ho le jwalo DPSA haesale ena le keemedi ka hara lekgotla la motse hammoho le pusong ya kopanelo, eo Lebesa a reng haba kgotsofala ke puso ena kaha maano a bona a hlokolosi ho fetola maphelo a baahi ba masepala wa Maluti A Phofung, ha nkelwe hloohong le ho tshwetswa hoka kengwa tshebetsong, empa o re ba ntse ba tsheyetsa puso ena.

“Bothata bo bong re elelletswe hore baahi ba Qwa Qwa, ha hona le se senyane se hlahang re sa tsebe, se se hlaha kae? Lebes awa botsa.

Ha ditaba di sale mothating ona mokga o re ke bona feela ba nang le nalane le bopaki bo tshwarehang hore ba sebeletsa setjhaba ka botshepehi ebile ba behile ditabatabelo tsa sona ka pele, kaha hontse hona le mekokolotwane le di emahale kajeno tse ntseng di eme jwalo ka dikolo.

Nakong ya seboka sena mokga o hlahisitse meaparo e metjha ya mokga eo ba hlalosang ele ho ikamahanya le dinako tsa hajwale.

“Eya kennete Dikwankwetla ke mokga o tsebisahalang ele wa batho ba baholo empa jwale re beha batjha ka pele tlasa tataiso ya batho bao ba baholo,”ho eketsa Lebesa.

Ka lehlakoreng le leng mohlophulli wa ditaba tsa dipolotiki Valerio Manzini ona hlalose ha Dikwankwetla e lahlehetswe ke botshehetsi bo bongata ebile baahi ba bangata ba se ba sena tshepo ho ona, hoba boteng le diqi tsa bona di se di sa utlwahale.

One Response

  1. All is said well by my leader.
    Hands up for being a trusted person and you too lebesa your so loyal to the Dikwankwetla .I still remember the story you told us the day you join DPSA. Monna tia jwalo base ba buile tsa batho le manyeloi
    Habahabane

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
20/11
Thu
16°C
broken clouds
Fri
daily_wether_icon
28°C
29°C
Sat
daily_wether_icon
30°C
32°C
Sun
daily_wether_icon
31°C
31°C
Mon
daily_wether_icon
26°C
29°C
Tue
daily_wether_icon
27°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
30°C
19°C
Thu
daily_wether_icon
31°C
28°C
Related Posts
IMG-20251119-WA0022
Read More
video-thumb-1763585621
Read More
video-thumb-1763585154
Read More
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...
15 November 2025
Dikwankwetla e hlahisa hlooho hape
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) Moeketsi Lebesa...
11 November 2025
Lefu la mokganni wa makoloi a baeti le amme lelapa
Setho sa lelapa la mokganni wa makoloi a baeti tse nyane tse sebeletsang setsheng se tshelang mafura...
03 November 2025
FS e ntlafatsa matsholo a polokeho mebileng
Ka Teboho Moloi FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula,...
03 November 2025
Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi...
31 October 2025
Sarko e batla hlooho ya Lebesa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Mokga wa South African Royal Kingdom (SARKO) lekgotleng la motse le hulang...
23 October 2025
SALGA e fa Lebesa kgau
MMC Bridgette Lebesa o thabetse ho fuoa moputso oa SALGA hobane o ne a sa o lebella.