Ditho tsa mokgatlo wa barekisi ba mebileng kahara teropo ya Betlhehem lekgotleng la motse la Dihlabeng (Dihlabeng Hwakers Organisation) ba hlotse ba ipiletsa kantle ho holo ya teropo ka Labone 29 Pherekgong 2026, nakong eo kopano ya lekgotla la motse ene e dutsi semmuso hollong ena. Ditho tsena di re boipiletso bona ba bona ke holatela ditshosetso hore masepala otlo ba tlosa le ho nka thepa tsa bona mathwasong a kgwedi e ntjha ya Hlakola February.
Video ka Teboho Moloi