Ka Teboho Moloi
QWA QWA-Molatedi wa tumelo ya bo-Rasta, Tumelo Charlse Philemons jwalo ka badumedi ba tumelo tse ding naheng ena, o re baholo ba tumelo ya hae ya bo Rasta ba bapetse karolo e kgolo ka ho fitisisa ho lwantsheng puso ya kgatello ya dilemo tse fitileng eneng e hatelletse batho ba mmala Africa Borwa.
Philemons o dumela ha mmuso wa naha ena o hloleha ho tlotla borasta kaho tshwanehileng holatela karolo eo ba e bapetseng ho ketola mmuso oo le ho tswalwa ha democracy naheng ena hofihlela lena le hodimo.
Philemons o eme ka boitshepo hore balwanedi ba tokoloho ba sebeditse mmoho le dibini tsa nako e fitileng tsa mmino wa reggae, ho fitisa melaetsa eneng e kgothaletsa ho ema le ho lwana kgahlanong le mmuso wa bohanyapetsi, ho batla tekatekano le tokoloho.
“Bona ho tloha sethatong feela mmino wa reggae haesale o nkuwa ele mmino wa ditokelo eseng wa tumelo ya bo-Rasta ka lebaka la melaetsa oo reggae eneng e o fitisa. Dipina tse jwalo ka bo ‘get up stand up fight for your rights’ mme reggae lefatshe ka bophara ono khothaletsa hore batho ba Africa Borwa ba itseke,” Philemons wa hlalosa.
O tswetsepele ho etsa mohlala ka dibini tse kenyeletsang Peter Tosh, ka pina ya ‘fight apartheid’ le dihlopha tsa mose ho mawatle ho kenyeletsa UB40 bane ba tshwara dikonsarete tsa mmino wa reggae tse jwalo ka ‘Maibuye music festive’ ho ipiletsa ho mmuso wa nako eo ho lokolla batshwaruwa ba sepolotiki sehlekehlekeng sa Robbern Island.
O re letlapa la Tosh la selemo sa 1978 le ne le bitswa ‘equal Rights’ le ne le totobatsa ntwa e tswelang pele hore Africa Borwa, Palestina le Zimbabwe baahi ba teng ba hloka tekatekano ya ditokelo.”
Jamaica teng re bone dibini tse jwalo ka bo Barenton Levy, Shabba Renks , Sister Carol le ba bang ba bangata moo dikonsareteng tsa mmino ba dula ba bua le ho bina ka ho lokollwa ha batshwaruwa bohle ba lwanelang tokoloho ho potoloha le kontinente ya Africa haholo ba naha ena kaha ene esele yona feela naha e tlasa puso ya kgatello,” ho eketsa Philemons.
Leha ho le jwalo o ananetse phatlalatso le ho behella ka thoko letsatsi la la 01 Phupu jwalo ka la matjhaba la reggae, e ne etswe ke mopresidente wa pele wa motho e motsho wa Africa Boroa Dr Nelson Mandela ho tlotla karolo e bapetsweng ke mmino wa reggae ho lwanela tokoloho.
Ha ditaba di sa le jwalo, dipina tsa reggae tse jwalo ka ‘no women no cry’ haesale di le kgahlano le thlekefetso ya basadi mme di sebediswa ho fana ka molaetsa ekasitana le ‘hungry men is an angry men’ to promote equality for job opportunities for all and that no one must go hungry.
Ha qeyaqeya ho hlalosa ha maemo a hajwale a bofuma, thlokeho ya mesebetsi, dipalopalo tse hodimo tsa tlolo tsa molao naheng ena di phoqa.
O re jwaloka ha tumelo ya habo e totobatsa hore, tsohle tsa lefatshe ke tsa batho ba phelang moo ka ho lekana haho ya lokela hore maemo a renang naheng ena abe leteng.
“Bothata ke dikhampani tse teng ebile se bile di laola dintho tse ba difumaneng mona bakeng sa hore batho ba phele, mang o laola ho itseng mang o sa na le matla ho itseng,”