Boloka Seo O ka se Kgonang – Bokamoso ba Hao bo Itshetlehile ka Sona

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

Tjhelete yeo o e sebeletsang ka thata hangata e fela pele kgwedi e fela, mme ho bolokela ntho ya bohlokwa ho bonahala ho sa kgonehe. Ho e-na le ho tshwenyeha ka seo se bonahalang e le morwalo o mong hape wa ditjhelete, o ipolella hore o tla qala ho boloka ka letsatsi le leng ha moputso wa hao o eketseha.

Empa ha re bue nnete: hangata ha tjhelete e eketseha, le mokgwa wa bophelo wa fetoha. Ditshenyehelo dia eketseha, empa tjhelete ya poloko e ntse e se teng.

Ho boloka ha se taba ya ho emela moputso o moholo. Ke taba ya ho itlwaetsa ho behella tjhelete ka thoko kgafetsa, leha e ka ba tjhelete e nyenyane, e le hore o hahe bokamoso bo sireletsehileng.

Kgweding ena ya Poloko, Mokgatlo wa Poloko le Matsete wa Afrika Borwa (ASISA) o u phephetsa hore o boloke seo o ka se kgonang, hobane bokamoso ba hao bo itshetlehile ho sona.

Hobaneng o lokela ho boloka?

Ho na le mabaka a mabedi a bohlokwa a ho boloka tjhelete.

La pele ke hobane bophelo ha bo na tiisetso. Letlole le lenyenyane la maemo a tshohanyetso le ka o thusa ho lefella ditshenyehelo tsa kalafo, ho lokisa kapa ho reka ntho e robehileng, kapa ho lefella ditshenyehelo tsa sekolo ntle le ho kena sekolotong se turang.

Lebaka la bobedi ke ho bolokela penshene. Ha tjhelete yeo o e bolokileng bakeng sa penshene e le ngata, o tla khona ho iphedisa hamolemo ha o se o tsofetse, ntle le ho itshetleha ka bana kapa ba lelapa. Sena se tla o thusa hore o natefelwe ke bophelo bo betere nakong ya botsofadi.

Ha se taba ya hore o boloka bokae, empa ke taba ya ho etsa hore ho boloka e be tlwaelo. Ho boloka R20 kapa R50 kgafetsa ho ka bonahala hole ho nyane kajeno, empa ha nako e ntse e ya, tjhelete yeo ya hola. Ha o sa e ntshe, e fumana phaello hodim’a phaello, e tsejwang e le kgolo ya phaello e kopaneng (compound growth).

Kgweding ena ya Poloko, iphephetse ka ho qhala ditshomo tsena tse latelang.

Tshomo ya Pele: “Ke tla qala ha ke se ke fumana moputso o moholo.”

O se ke wa emela nako e phethahetseng. Qala ka tjhelete yeo o ka e kgonang. Le ha e le nyenyane, e thusa ho haha tlwaelo ya ho boloka.

Lokisetsa hore tjhelete yeo e tloswe ka bo yona ho (account) ya hao ya letsatsi le letsatsi ka letsatsi la moputso ebe e fetisetswa no (account) ya poloko. Ho molemo hore tjhelete ena e bolokwe ho (account) ya depositi e tsitsitseng (fixed deposit account), e le hore ho se be bonolo ho e sebedisa.

Keletso ya Poloko: Fokotsa tshebediso e le nngwe kgweding ena, jwalo ka seno se batang nakong ea dijo tsa motsheare kapa ho reka dijo tsa kantle ka Labohlano bosiu. Kenya tjhelete yeo ho (account) ya hao ya poloko.

Tshomo ya Bobedi: “Ho boloka tjhelete e nyenyane ha ho na thuso.”

Batho ba bangata ba nahana hore ho boloka ho sebetsa feela haeba ba kgona ho behella ka thoko tjhelete e ngata kgwedi le kgwedi. Empa bohle ba atlehileng ho boloka ba kile ba qala ka tjhelete e nyenyane.

Ha o qala, boitshepo ba hao boa hola, mme o qala ho boloka tjhelete e ngata le ho feta. Ha o fumana tjhelete e eketsehileng, jwalo ka tefo ya stokvel kapa bonase mosebetsing, o ka eketsa poloko ya hao.

Ntho ya bohlokwahadi ke ho tiisetsa, eseng ho phethahala.

Keletso ya Poloko: Ho bonolo ho boloka haeba o na le sepheo. Bula (account) e arohaneng mme o e rehe lebitso le kang “Letlole la Maemo a Tshohanyetso” kapa “Ditefiso tsa Sekolo.” Batho ba bangata ba susumetseha ho boloka ha ba tseba hantle seo ba se bolokelang.

Tshomo ya Boraro: “Ho ntsha tjhelete ka pitseng ya poloko ya penshene ha se taba e kgolo.”

Haeba o le lehlohonolo la ho ba setho sa letlole la penshene, o se o ntse o boloka bakeng sa bokamoso ba hao. Empa ho ntsha tjhelete pitseng ya poloko ya penshene selemo le selemo ho fokotsa haholo tjhelete yeo o tla ba le yona ha o tlohela mosebetsi.

Le ha o ka kgutlisa tjhelete yeo hamorao, o lahleheloa ke monyetla wa hore e hole ka phaello e kopaneng. Ha o ntse o ntsha tjhelete selemo le selemo, o tla ba le tjhelete e fokolang haholo nakong yeo o tla e hloka haholo.

Hape hopola hore tjhelete e ntshitsweng pitseng ya poloko e lefiswa lekgetho, hape e na le ditefiso tsa tsamaiso.

Keletso ya Poloko: Ikemisetse ho haha letlole la maemo a tshohanyetso, leha o qala ka tjhelete e nyenyane. Sena se tla o thusa ho qoba ho sebedisa tjhelete ya penshene bakeng sa ditshenyehelo tse sa lebellwang, mme poloko ya hao ya penshene e tla tswela pele ho hola ntle le lekgetho le ditefiso tse sa hlokahaleng.

Boloka Seo O ka se Kgonang

Ha ho hlokahale hore o boloke ka mokgwa o phethahetseng. Dikgwedi tse ding di tla ba thata ho feta tse ding, mme ho lokile.

Ntho ya bohlokwa ke ho itlwaetsa ho behella tjhelete ka thōko neng kapa neng ha o kgona. Poloko e nyenyane empa e etswang kgafetsa kajeno e ka o fa menyetla e mengata, tshireletseho le kgotso ya kelello hosane.

Kgweding ena ya Poloko, o se ke wa shebana le hore na o ka boloka bokae. Shebana le ho qala.Boloka seo o ka se kgonang – bokamoso ba hao bo itshetlehile ka sona.

Ditaba tsena di tlisitswe ho lona ke Mokgatlo wa Poloko le Matsete wa Afrika Borwa (ASISA) e le karolo ya letsholo la ona la thuto la Kgwedi ya Poloko, le reretsweng ho thusa Maafrika Borwa a mangata ho #BolokaSeoOkaSeKgonang.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
25/07
Sat
9°C
clear sky
Sun
daily_wether_icon
18°C
13°C
Mon
daily_wether_icon
19°C
14°C
Tue
daily_wether_icon
18°C
18°C
Wed
daily_wether_icon
15°C
15°C
Thu
daily_wether_icon
13°C
16°C
Fri
daily_wether_icon
16°C
17°C
Sat
daily_wether_icon
17°C
18°C
Related Posts
Advocate Sipho Gideon Mantula delivers the keynote address during the Free State Legislature's commemoration of the 30th anniversary of the Constitution at the historic Waaihoek Wesleyan Church in Bloemfontein on Nelson Mandela Day
Read More
Victor Mlangeni coach and founder of TV Mlangeni Sports Academy
Read More
1000340238
16 July 2026
Busamed Harrismith Private Hospital Expands Specialist Services with Three New Appointments
Sponsored by Busamed Busamed Harrismith Private Hospital is pleased to announce the addition of three...
03 July 2026
Busamed Harrismith Private Hospital prioritizes safe, professional medical circumcision
By Emily Setona HARRISMITH – Busamed Harrismith Private Hospital continues to strengthen its commitment...
25 March 2026
The Deed Has Been Handed Over. Now the Work Begins
The Dithabeng CPA’s historic title handover landed in a year loaded with meaning, and with clear...
14 February 2026
Thabo Mofutsanyana District Municipality Vacancies
OFFICE OF THE MUNICIPAL MANAGER EXTERNAL ADVERT Thabo Mofutsanyana District Municipality, with its seating...
13 February 2026
Advertisement
13 February 2026
Advertisement
ROAD ACCIDENT FUND MEDICO-LEGAL EXPERT SERVICES AVAILABLE IN HARRISMITH (16–20 MARCH 2026) Worksphere...
08 January 2026
Advertisement
08 January 2026
Advertisement
02 January 2026
Advertisement
26 December 2025
Advertisement