Ka -Teboho Moloi
QWAQWA -Lekgotla la magistrata la Phuthaditjhaba le lokolotse molekgotla wa lebatowa la 28 ,wa masepala wa selehae wa Maluti A Phofung Mary Crockett ka bail ya dikete tse leshome R10 000.
Crockett ona hlaheletse lekgetlo la bobedi kapela magistrata kamora ho lellwa ke ditshepe ka diqoso tsa bobodu (Fraud).
Nakong e fitileng botjhotjhisi bone bo bolelle lekgotla ha hona le kgonahalo ya hotla eketsa diqoso kgahlano le molekgotla enwa.
Pele mmuellwa wa hae a nahelana ka lengolo la boitlamo ebile ele la kopo ya hore a lokollwe ka bail, botjhotjhisi bo hlaloseditse lekgotla le yena moqusuwa ha baKenyeletsa diqoso tse ding hape tsa bobodu hoba tse tharo le tse pedi tsa bonyofonyofo (corruption)tseo Crockett a lokela ho diarabela.
Lekgotla le molokollotse tlasa dipehelo tsa hore a nehelana ka tokomane ya hae ya ho eta(passport) ebile a itlalehe ka Mantaha o mong le o mong setsheng sa seponesa sa Phuthaditjhaba.
Nyewe tsena hadi amane le mokga wa habo wa ANC oboyetse ke letona kommiting ya phethahatso ya majoro wa selehae wa Maluti A Phofung.
Nyewe ya hae e kgutliseditswe morao ho fihlela kala pele Lwetse.