Difate di molemo kgahlanong le ho feto-fetoha ha maemo a lehodimo

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Motlatsi wa letona Kantorong ya mopresident Seiso Mohai o lema sefate , Majoro wa phethahatso wa Maluti-a-phofung Malekula Melato o kgumame.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Motlatsi wa letona ho tswa kantorong ya mopresidente Seiso Mohai o re ho jalwa ha difate ele ho keteka beke ya kgothaletso ya ho jalwa ha difate, ha eya lokela ho nkelwa fatshe haholo nakong ena ya ho feto-fetoha ha maemo a lehodimo.

Mohai o tobakeditse nthla ya hore botala ka mehla bo bontsha tshepo ya bophelo mme ho bohlokwa hore bophelo bo bolokwe kajeno.

“Tjalo ena ya kajeno ya difate ke karolo ya ho nahanela bokamoso ba naha ena, ka lebaka la maemo a hajwale a leholimo,”Mohai.

O re le hafeela ho fetoha hona ha maemo a lehodimo, ditsibi di ne di etse tlhlokomediso, mathata a mang a bakilwe ke ho hloka maikarabelo a tse ding tsa dinaha tse tswetseng pele.

“O tla tlameha ho ela hloko hore ha maemo a lehodimo a fetoha ka sekgahla kantle ho di tlwaelo a tlisa mathata hara baahi le maemo a matjha a thathafatsang maphelo a bona,”ho rialo letona.

O hlotse dihora a jala difate le moifo wa hae, o no kenyeletsa majoro wa Maluti A Phofung Malekula Melato, matona ho tswa kantorong ya ramotse, basebeletsi ba mmuso, botsamaisi ba sekolo sa Thiboloha le barutwana ba teng ho potoloha le jarete ya sekolo sena.

Ditsebi di hlalosa ha ntle le ho thusa ka ho nehelana ka moya o hlwekileng bakeng sa ho hema, hoba le hae bakeng sa diphoofolo difate di bapala karolo e kgolo ho thibeleng ho baleha ha mobu wa lefatshe.

Majoro Melato o hateletse bohlokwa ba ho jalwa hadi fate le thlokomelo ya tikoloho.

O ipileditse ho bao bantseng ba senya tikoloho ka tsela ya ho tjhepa mekotu hohle ba etsa dikgwebo tsa di sand le ho tjhesa di onto tsa ditene ho ela hloko hore seo se baka kotsi tikolohong.

“Eya kea dumela hore menyetla ya mesebetsi esale phepetso e kgolo empa ha rea lokela ho theha mesebetsi ka tsela ele hore hosasa maphelo a bana aba kotsing,” Melato.

Ke mefuta e fapaneng ya difate e 35 e jetsweng mohla letsatsi leo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
23/01
Fri
33°C
clear sky
Sat
daily_wether_icon
33°C
34°C
Sun
daily_wether_icon
35°C
35°C
Mon
daily_wether_icon
33°C
37°C
Tue
daily_wether_icon
31°C
31°C
Wed
daily_wether_icon
32°C
31°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
33°C
Fri
daily_wether_icon
27°C
32°C
Related Posts
IMG-20260121-WA0009
Read More
IMG-20251014-WA0034
Read More
IMG-20260120-WA0011
Read More
19 January 2026
Ha ketlo ipolaya kapa ho ba bolaya !-Ahanang banna
Ka Teboho Moloi QWA QWA-Nakong ena eo dipalopalo tsa dipolao tsa basadi, bana le banna ba nkang maphelo...
14 January 2026
FMD cases surge to 194 as province tightens biosecurity clampdown
By Emily Setona QWAQWA – Foot-and-mouth disease (FMD) infections in the Free State continue to escalate,...
13 January 2026
Mokubung o tswa boemong ba pele
QWAQWA- Barutwana mmoho, batswadi le baahi ba Bluegumbosch ba se ba qadile ka ho keteka mmoho le Bokang...
12 January 2026
MaRasta a lwanetse tokoloho ya SA!
Ka Teboho Moloi QWA QWA-Molatedi wa tumelo ya bo-Rasta, Tumelo Charlse Philemons jwalo ka badumedi ba...
13 December 2025
Holekane ka dikotsi, Fihla O phela!
Ka Teboho Moloi REITZ- Lefapha la polokeho mebileng, ka kopanelo le kantoro ya majoro wa setereke sa...
04 December 2025
Baahi ba nka maikarabelo a ho itukisetsa ditsela
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Ba bang ba baahi ba karolo ya bone motseng wa Mandela Park lebatoweng la bo 35...
30 November 2025
Lefokisi le llelwa ke ditshepe kgetlo la bobedi kgweding
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM – Lekala le fuputsang ditlolo tse hlokolosi tsa molao profensing ya Free State...
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...