Ka Teboho Moloi
QWAQWA- Majoro wa phethahatso lekgotleng la motse la Maluti A Phofung, Malekula Melato o netefaleditse ho boradita ba The Guard, hore o fumane lengolo la ho itokolla ka ho panya ha leihlo la molekgotla wa masepala wa habo a tobaneng le diqoso tsa bobodu le bonyofonyofo Marry Crockett.
Melato o re Crockett o itokolotse kommiting ya hae ya phethahatso jwaloka letona, ntle le kgatello empa ka boithaopo.
Sena setla kamora hore Crockett a llellwe ke ditshepe kala 03 Phato pele lekgotla la magistrata la Phuthaditjhaba le molokolla ka beile ya dikete tse leshome (R10 000).
Leha hole jwalo lekgotla le molokollotse tlasa dipehelo tsa hore a nehelana ka tokomane ya hae ya ho eta (passport) ebile a itlalehe ka Mantaha o mong le o mong setsheng sa seponesa sa Phuthaditjhaba.
Lekgetlo la ho qetela hana hlaheletse kapela lekgotla, botjhotjhisi bo ekeditse diqoso tsa hae tsa bobodu le bonyofonyofo mme hajwale o tobane le diqoso tse tharo, bobodu le tse pedi tsa bonyofonyofo.
Haditaba disale jwalo motsamaisi wa dipuisano wa masepala ona, Mandlenkosi Dlamini o re Crockett entse ele molekgotla le hafeela a itokolotse kahara komitti ya majoro.
“Ebang hona le lengolo la hae la ho itokolla jwalo ka molekgotla,haleso fihle matsohong aka,” ho rialo Dlamini.
Nyewe ya hae e kgutliseditswe morao ho fihlela kala kala pele Lwetse.