Consul-General ya China o etela Qwa Qwa

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

By Teboho Moloi

QWAQWA-Majoro wa lekgotla la motse la Maluti A Phofung Malekula Melato o netefaditse ha keemedi ya naha ya China Consul-General Pan Qinjiang le batsetedi batlo etela lehae la habo bekeng etllang ho tloha Mantaha wala 19 Motsheanong ,lebitsong la hotla tsetela masepaleng ona.

Melato o phatladitse sena nakong eo a neng a amohela dimpho tse kenyeletsang dieta tsa sekolo, dibapadiswa bakeng sa bana hammoho le dithusa thuto ho tswa naheng eo kantorong tsa ntlo kgolo wa masepala ona ka Labobedi 13 Motsheanong tse Qwa Qwa.

Melato o re ketelo ena ya moifo wa batsetedi hotswa naheng ya China etlabe e eteletswepele ke Consul-General ya naha eo.

Ore moifo otlo lekola tikoloho ena ka botebo pele baka tsetela lebitsong la ho fetola maemo a bophelo a baahi mona.

“Rebatlaba hore baikgodise hore ke nnete rena le diphephetso tse kenyeletsang tsa phano ya metsi le hafeeela rena le ona matamo a moholo a jwalo kala Sterkfontein, mathata a ditsela empa re boyele re ba bontshe hore relekille hofihlela ho kae mme baka re thusa kae hotloha mona,” ho rialo Melato.

Melato o re ketelo ena etlo boyela e nehelana ka thlakisetso hore China eka tsetela jwang diprojekeng tse tlang ho thusa ka theho ya mesebetsi masepaleng ona.

Hosale jwalo ore kopanong ya bona ya pele baile baipiletsa ho bona hore batlo thusa masepala ona ka mokgwa wa ho fehla le ho fepela motlakase ka tsela ya letsatsi ka disolar panel.

O re hang projeke ena etswelapele etla imolla boima ba kgatello ya motlakase masepaleng wa habo.

Tebello ke hore moifo otlo etela di ferme bakeng sa holekola hore dika tsosoloswo jwang , dibaka tsa bohahlaudi , tekolo ya dithaba hore dika sebediswa jwang hofehla matla hammoho le kgatelo pele ya setsha sa masepala seikgethileng sa dikgwebo sa MAP SEZ lehore dithuso ekaba dife bakeng sa baithuti ba batlang hotswelisa thuto tsa bona China.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
15/02
Sun
27°C
scattered clouds
Mon
daily_wether_icon
26°C
29°C
Tue
daily_wether_icon
28°C
26°C
Wed
daily_wether_icon
28°C
29°C
Thu
daily_wether_icon
28°C
30°C
Fri
daily_wether_icon
27°C
31°C
Sat
daily_wether_icon
27°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
20°C
17°C
Related Posts
IMG-20260214-WA0002
Read More
IMG-20250523-WA0016
Read More
Screenshot_20260213-061503_1
09 February 2026
Leqhekwana, 81, le fumanwa le bolailwe ha lona
Ka Teboho Moloi HARRISMITH- Baahi ba karolo ya Polasi Extension 2, Intabazwe 42nd Hill bantse ba setse...
05 February 2026
Monna o hlajwa ka thipa le ho timela hang hang kahara Setsi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Seponesa se netefaditse ha se atlehile ho kwalla monnna ya dilemo di 26 ya belaellwang...
04 February 2026
Barekisi ba tshosetsa ho makalla masepala lekgotleng la dinyewe
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM- Ditho tsa mokgatlo wa barekisi ba mebileng ka hara teropo ya Bethlehem lekgotleng...
29 January 2026
Dihlabeng e nehelana ka raporoto e ntle ya tshebediso ya tjhelete
Kamora dilemo tse leshome mohlahlubi wa dibuka o nehelane ka raporoto e ntle ya tshebediso ya ditjhelete...
29 January 2026
Dihlabeng Hawkers Organization e kena boipiletsong mapatlelong a holo ya teropo
Ditho tsa mokgatlo wa barekisi ba mebileng kahara teropo ya Betlhehem lekgotleng la motse la Dihlabeng...
19 January 2026
Basebedisi ba R26 ba eletsa mmuso ho beha polokeho ya bona ka sehlohong
Baahi le basebedisi ba mmila o moholo wa R26 masepaleng wa Dihlabeng o parolang mahareng a Bohlokong...
19 January 2026
Ha ketlo ipolaya kapa ho ba bolaya !-Ahanang banna
Ka Teboho Moloi QWA QWA-Nakong ena eo dipalopalo tsa dipolao tsa basadi, bana le banna ba nkang maphelo...
13 January 2026
Mokubung narrates his matric journey
QWAQWA- Bokang Mokubung from Bluegumbosch Secondary School who have come out tops by achieving first...
13 January 2026
Mokubung o tswa boemong ba pele
QWAQWA- Barutwana mmoho, batswadi le baahi ba Bluegumbosch ba se ba qadile ka ho keteka mmoho le Bokang...
12 January 2026
MaRasta a lwanetse tokoloho ya SA!
Ka Teboho Moloi QWA QWA-Molatedi wa tumelo ya bo-Rasta, Tumelo Charlse Philemons jwalo ka badumedi ba...