Basebetsi ba projeke MAP ba re ba lebetswe

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Basebetsi ba projeke ya Maspala ba halefileng.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA – Basebetsi ba projeke ya ho hokelw a ha marangrang a tsamaisang dikgwerekgwere lebatoweng la 18 le 26 masepaleng o hulang ka boima wa Maluti A Phofung, ba re khiro ya bona dilemo tse tharo tse fitileng, kahara projeke ha e yaba imolla mathateng a bona empa bae tshwantsha le ho ikgama ka lerapo molaleng.

Bare haesale bane ba nehwe monyetla wa tshebetso ke masepala, maphelo a bona a thatafetse ho feta.

Basebetsi bana bare ba sihilwe feela jwalo ka nyalasi moketeng.

Ba re bane ba nehwe kontraka ya selemo le kgwedi tse tsheletseng sethatong kamora hore masepala a tlise kontraka ho tla sebetsa ka ho hokelwa ha marangrang a tsamaisang dikgwerekgwere kahara motse.

Qetelo Mashaile e mong wa basebetsi o re tokelo tsa bona ele basebetsi diya hatikelwa , le hose fumane thlakisetso hotswa ho ramosebetsi ka mathata a tefo ya meputso ya bona.

“Re ne re thabetse monyetla wa mosebetsi jwalo ka mang kapa mang, hane re qala ho hirwa athe re wela kahara lemena la tau ntate. Kajeno re sesa kahara dikokoto ka lebaka la ho se fumane meputso ya rona,” ho rialo Mashaile

Ba re se ba makatsang ba tsebile khamphani ele Mofolo empa ba maketse morao ese bitswa 40-Four investment (PTY) ltd empa tlasa botsamaisi bo le bong.

Ba re habaso nehwe dikontraka tse nthjafaditsweng ntle leho tekeniswa dikontraka tsa kgwedi tse tharo -tse ntjhafatswang tlasa lenaneo la mmuso la katoloso ya mesebetsi ya setjhaba(EPWP).

“Hare buwa tjena harena tsona dikontraka tseo, re ne re makale feela sere wela tlasa EPWP empa rentse re etsa ona mosebetsi ona,” ho hlalosa Leabua Mokoena.

Dingongoreho tsa basebetsi bana dikenyeletsa sello ka meputso ya bona e saletseng morao, ba sa e fumaneng ka nako, diaparo tsa tshebetso tse bolokehileng, dikontraka tsa tshebetso, ho lefuwa ha ditemalo tsa bona bale tshebeletsong ekasitana le hose hlahelle lenaneng la mmuso lefapheng la basebetsi la UIF.

Leabua Mokoena le Matumaka Moloi bare haesale bane ba lemalle tshebetsong empa haona dithlapiso kapa tsheyetso efe kapa efe bane bae fumane.

Bare seba makatsang bane ba utlwela ka hlokwana la tsela hore diraporotong ho tlalehwa ha hosobe le ditemalo tlasa projeke ena.

Mosebetsi Mabula o re tlasa tshebetso ena haona le botsamaisi bo hlakileng hoba motho ale mong, ke CLO, Clerk, Ramolaetsa ebile ke mosebetsi o kgana mochini wa TLB.

Mabula o re dihora tsa bona tsa tshebetso mohlang bareng ba fumane meputso ha di lefiwi mme ramosebetsi o hula tjhelete tse ding tsa bona, empa haba itekola bakeng sa UIF haba hlahelle ba ngodisitswe.

Ha ditaba disale jwalo molekgotla wa masepala ona hotswa mokgeng wa South African Royal Kingdom (Sarko) Napo Letlala , o re o nkile bohato ho ngolla kantoro ya motsamaisi wa dipuisano Mandle Nkosi Dlamini hore akene dipakeng le ho ka etela projeke ena.

Letlala o qositse masepala ka ho hloleha ho beha ditabatabelo tsa baahi ka pele le ho fa basebetsi bana tsebe ka dillo tsa bona, ka ha ramosebetsi eo o tlisitswe ke masepala.

Ka lehlakoreng leleng motsamaisi wa dipuisano Mandle Nkosi Dlamini o re kantoro ya hae, e ya tseba ka sello sena, mme o eleditse hore dillo tseo difitisetswe kantorong ya ramotse wa phethahatso.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
28/11
Fri
23°C
light rain
Sat
daily_wether_icon
26°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
26°C
21°C
Mon
daily_wether_icon
26°C
29°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
31°C
Wed
daily_wether_icon
26°C
28°C
Thu
daily_wether_icon
26°C
17°C
Fri
daily_wether_icon
21°C
28°C
Related Posts
IMG-20251128-WA0001
Read More
1761837948239
Read More
1761837948239
Read More
26 November 2025
Community takes Demarcation Board to court
By Teboho Moloi HARRISMITH – The battle over municipal boundaries in the eastern Free State has intensified,...
21 November 2025
Residents slam curtailed NCOP visit
By Emily Setona QWAQWA – Frustration ran high on Wednesday when residents from across the Thabo Mofutsanyana...
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
17 November 2025
MAP electrician who died on duty laid to rest
By Teboho Moloi QWAQWA – Maluti-a-Phofung Executive Mayor Cllr. Malekula Melato says the municipality...
17 November 2025
Construction sector ordered to step up
By Emily Setona BOKSBURG – At the heart of the 2025 National Construction Summit lies a clear and...
17 November 2025
Mobilizing communities to combat GBV
By Emily Setona BETHLEHEM – The Dihlabeng local municipality, in partnership with Child Welfare,...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...
15 November 2025
Dikwankwetla e hlahisa hlooho hape
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) Moeketsi Lebesa...