Baahi ba qeta selemo sa 10 ntle le metsi

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Baahi ba tikoloho ya Makwane le metse e thehang sebaka sena e kenyeletsang Khabisi, Baghdad, Ditading Namoha le Pereng ba qosa mmuso ka hoba qhelela ka thoko ka phano ya ditshebeletso tsa metsi, ho se ba kgathalle, ho iphapanya hotla ka tharallo mathateng a renang , ho hatikela tokelo tsa bona tsa botho le ho ba lebala jwaloka nyalasi e setseng moketeng.

Baahi ba re ba na le dilemo tse leshome ho sena phephelo e tsitsitseng ya metsi le hotswa ha pompo tsa bona.

Morao tjena baahi ba ne ba sale ba saretswe kamora hore moahi a lahlehelwa ke bophelo a tswa ho batlana le metsi.

Ba re dilemong tsena haesale balokela ho ema mela e melele ho fumana metsi hotswa ditorotorong tsa metsi tsa masepala, ho iketsetsa makgobonthithi ho reka metsi ka tjhelete tsa bona, ho kgella dinkgo nakong ya dipula le hokga metsi di dibeng.

Kemedi ya baahi a dulang Khabisi lebatoweng la 32 Lerato Kele o re se utlwisang bohloko ke hore maqheku a dulang a le mang, ntle le bana kapa ditloholo ba qobeleha ho tsamaya nako e telele hobatlana le metsi.

“Hane re qetela metsi keka dikgetho tse fetileng tsa masepala moo re thotseng metsi matsatsi a mabedi ho isa borarong pele ho dikgetho, hang fela ho qetwa ka dikgetho keha metsi a kwalwa ka holima hore haesale re phela ka tshokolo ena hotloha dilemong tsabo 2015,”Kele.

Kele o re baahi basenang bokgoni hola reka metsi ba phela ka metsi a sediba moo ho nwang le diphoofolo teng.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
06/02
Fri
32°C
light rain
Sat
daily_wether_icon
32°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
31°C
20°C
Mon
daily_wether_icon
29°C
27°C
Tue
daily_wether_icon
30°C
33°C
Wed
daily_wether_icon
31°C
34°C
Thu
daily_wether_icon
31°C
34°C
Fri
daily_wether_icon
30°C
19°C
Related Posts
IMG-20260205-WA0025(1)
Read More
IMG-20260205-WA0016(1)
Read More
IMG-20260107-WA0016
Read More
05 February 2026
Maluti-a-Phofung charts solutions to service delivery crisis
By Emily Setona QWAQWA – Maluti-a-Phofung Local Municipality has committed to urgent, solution-driven...
05 February 2026
Monna o hlajwa ka thipa le ho timela hang hang kahara Setsi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Seponesa se netefaditse ha se atlehile ho kwalla monnna ya dilemo di 26 ya belaellwang...
04 February 2026
Barekisi ba tshosetsa ho makalla masepala lekgotleng la dinyewe
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM- Ditho tsa mokgatlo wa barekisi ba mebileng ka hara teropo ya Bethlehem lekgotleng...
04 February 2026
Eskom-MAP partnership targets power stability, debt relief
By Emily Setona QWAQWA — Eskom and the Maluti-a-Phofung Local Municipality (MAP) have intensified a joint...
04 February 2026
Municipality spent over R2m on overtime
By Teboho Moloi BETHLEHEM — The Dihlabeng Local Municipality spent more than R2 million on staff overtime...
03 February 2026
Capacity, water failures dominate MAP strategy talks
By Emily Setona QWAQWA — Deep cracks in institutional capacity and chronic water failures dominated the...
03 February 2026
TMDM holds unqualified audit as mid-Year budget spend is 46%
By Emily Setona LADYBRAND — The Thabo Mofutsanyana District Municipality (TMDM) has retained its unqualified...
29 January 2026
Council probes MMC salary dispute involving Pastor Crokette
By Emily Setona QWAQWA – The Maluti-a-Phofung Local Council has appointed a five-member committee to...
29 January 2026
Dihlabeng secures unqualified audit after decade of poor reports
By Teboho Moloi BETHLEHEM – After nearly 10 years of adverse and qualified audit outcomes, the Dihlabeng...
29 January 2026
Dihlabeng Hawkers Organization e kena boipiletsong mapatlelong a holo ya teropo
Ditho tsa mokgatlo wa barekisi ba mebileng kahara teropo ya Betlhehem lekgotleng la motse la Dihlabeng...