Baahi ba Intabazwe haufi le toropo ya Harrismith bare ho kwala ha setsha sa seponesa Intabazwe, hoba sihile mathateng le hoba mahlatsipa a bonolo a tlolo tsa molao. Baahi bare ba qobeleha ho lefa diranta tse mashome a mararo , hore ba fihlelle ditshebeletso tsa seponesa.
Video by Teboho Moloi
One Response
Ho kwalwa ha ofisi tsa sepolesa Intabazwe le Tshiame moo ho dulang batho ba kobo di mahetleng ke masisapelo le ho bontsha hore puso ha e kgathalle baahi. Baahi ba hopolwa feela ka nako ya dikgetho.
Ebe letona la sepolesa Free State le a tseba ka maemo ana? Ha ke kgolwe.
Botsotsi le ditlatkapo di iphile matla metseng ya Greater Harrismith empa ketapele e thotse feela hobane bona ba bolokehile moo ba dulang.