Sehlopha sa baahi se ipiletsang hore teropo ya Harrismith le Kestell ditswe kahara masepala wa Maluti A Phofung ka ho panya ha leihlo, sere sesatlo nka bohato ba molao le ho ngolla letona boemong na naha, profense le lekgotla la tsheyo ya meedi, hore ba nehelane ka mabaka hore ke hobaneng ba qheletse kopo ya bona hore hothewe masepala o mong o tla thehwa ke mabatowa a ditpropo tsena.
Baahi bare mabaka a tekilweng ke lekgotla le ikarabellang tshehong ya meedi, eya fokola ebile e tletse dipolotiki. Baahi bare qeto ya sethatong ho kopanya dotoropo tsena hotheha masepala wa MAP lenyalo leo hale ya tloha le behile tholwana tse molemo bakeng sa bona bofihlela lena le holimo. Empa ho sohile teropo tsena moruo oputlame,phano ya ditshebeletso ele thloba boroko. Sabelo Sigudu ke moahi wa Harrismith.
Ka Teboho Moloi