Baahi le basebedisi ba mmila o moholo wa R26 masepaleng wa Dihlabeng o parolang mahareng a Bohlokong le Bakenpark bare tsela ena e fetohile lepatlelo la dikotsi tsa makoloi le ho thula ditaso ekasitana le ho feta ka maphelo a batho letsatsi le tjhabang le le dikelang.
Mmila ona o sebediswa ke boramakoloi ba tswang le ho kena ka hara Betlhehem hoya diteropong tse ding le Gauteng le ditaso hotswa makeisheneng a Bakenpark le Bohlokong nakong eo ba lebang teropong kapa ho etelana.
Baipiletsa ho mmuso hobeha polokeho mmileng ona ka sehlohlolong.