Ka Teboho Moloi
QWAQWA -Baahi ba tikoloho ya Makwane le metse e thehang sebaka sena e kenyeletsang Khabisi, Baghdad, Ditading Namoha le Pereng ba qosa mmuso ka hoba qhelela ka thoko ka phano ya ditshebeletso tsa metsi, ho se ba kgathalle, ho iphapanya hotla ka tharallo mathateng a renang , ho hatikela tokelo tsa bona tsa botho le ho ba lebala jwaloka nyalasi e setseng moketeng.
Baahi ba re ba na le dilemo tse leshome ho sena phephelo e tsitsitseng ya metsi le hotswa ha pompo tsa bona.
Morao tjena baahi ba ne ba sale ba saretswe kamora hore moahi a lahlehelwa ke bophelo a tswa ho batlana le metsi.
Ba re dilemong tsena haesale balokela ho ema mela e melele ho fumana metsi hotswa ditorotorong tsa metsi tsa masepala, ho iketsetsa makgobonthithi ho reka metsi ka tjhelete tsa bona, ho kgella dinkgo nakong ya dipula le hokga metsi di dibeng.
Kemedi ya baahi a dulang Khabisi lebatoweng la 32 Lerato Kele o re se utlwisang bohloko ke hore maqheku a dulang a le mang, ntle le bana kapa ditloholo ba qobeleha ho tsamaya nako e telele hobatlana le metsi.
“Hane re qetela metsi keka dikgetho tse fetileng tsa masepala moo re thotseng metsi matsatsi a mabedi ho isa borarong pele ho dikgetho, hang fela ho qetwa ka dikgetho keha metsi a kwalwa ka holima hore haesale re phela ka tshokolo ena hotloha dilemong tsabo 2015,”Kele.
Kele o re baahi basenang bokgoni hola reka metsi ba phela ka metsi a sediba moo ho nwang le diphoofolo teng.