Ka Teboho Moloi
LADYBRAND -Lekgotla la magistrata la Ladybrand le kgutliseditse nyewe kgahlano le moqusuwa a dilemo di 24 wa teko ya polao ya nkgono wa hae a dilemo di 59 morao hofihlela ka Labobedi 28 Mmesa hotla etsa kopo ya ho lokollwa ka bail.
Moqusuwa enwa o hlahelletse lekgetlo la pele kgotla kamora ho lellwa ke ditshepe holatela ketsahalo ya ho leka ho kgama lehlatsipa ka mosamelo antsa robetse kala 19 Mmesa ba le hae lapeng Tweespruit.
Ho hlahetse hore ene ese lekgetlo la pele moqusuwa a leka sena.
Lekgotla le utlwile ka moo moqusuwa lekgetlong lena akeneng bosiu ka mosamelo ho leka ho kgama lehlatsipa leo, pele a phapama le ho mo lwantsha ho fihlela a mo hlola ka matla.
Mmuelli wa seponesa Mmako Mophiring o re seponesa sela atleha ho tshwara moqusuwa matsatsi a mararo ka morao hoba palehong.
Mophiring o re lehlatsipa le boleletse seponesa ha moqusuwa, a boletse ha seo ana se etsa holatela taelo ya lequlwana la Born To Kill BTK, hore o lokela ho bolaya setho sa lapa la habo ho fumana maemo a hodimo ka hara lequlwana.