Ka Teboho Moloi
QWAQWA- Nakong ya mokete wa botjhaba wa semmuso wa profense lebaleng la dipapadi la Diphakoeng ka Moqebelo 27 Lwetse, letona la dipapadi, bonono, botjhaba le setso NtombiZanele Sifuba o re e tlabe ese bohlale ho heletsa diemahale tsa baetapele ba mehleng ba mmuso wa naha ena.
Sifuba o re ho sanatse seo baneng base emela, tshotlo ya motho e motsho le kgatello ya tokelo tsa botho diketsahalo tseo ke karolo ya nalane ya naha ena. O re nalane ke karolo ya botjhaba le dithuto tsa nako eo tse fitileng, leloko la hajwale le lokelwa ho rutwa ka yona bakeng sa bokamoso.
“Hona ho tshwana hantle le ditlwaelo, tsela tsa ho phela tsa baholo ba rona, hore le tsona do di rute leloko la hajwale bakeng sa hore ba tsebe moo bayang teng base lahlehe kapa ho kgeloha,” horialo Sifuba.
Sifuba o boleletse bao baneng ba kgobokane moketeng ho boulela botjhaba ba bona, leho ba kgothaletsa ho tswelapele ka setso le ditlwaelo tsa bona. O qositse mmuso wa kgatello ka ho hatella setso le meetlo ya motho e motsho bakeng sa dilemo-lemo.
O dumetse hore kennete hore dibaka tse ngata moo ho bolokwang nalane di bua ka nalane ya bao baneng ba hateletse motho e motsho. O re le ha seo ele karolo ya nalane, holokelwa hore hofetolwe le dibaka tseo ho buang ka nalene ya motsho e motsho empa eseng ka moo ana hateletswe ebile a sotleha ka teng.
“Ho bohlokwa hore re ipotse hore re phetha pale tsa bo mang, re diphetha jwang ebile re etsa jwang hore mantswe ao esale a hatellwa a utlwahale kajeno,”Sifuba
Free State e nale dibaka tsena tse buang ka nalane ya bao pale tsa bona dine diqhelelwa ka thoko tse kenyeletsang Basotho Cultural Village, Pioneer museum Windburg , Caledon River Smitfield, Old President museum BFN, Military museum BFN, Westherm church museum BFN, Xhariep museum Philippolis .
“Hoya hlokahala hore rele lefapha kapa rona ba puso ena ya tsamaiso ya bosupa hore re netefatse hore ha re tloha ditulong tsena, ho be ho nale le museum wa batho ba batsho kahara profense, eo etlo bua ka nalane, setso, meetlo , ditlwaelo le botjhaba ba batho ba batsho,”ho eketsa letona.
Ha ditaba disale mothating ona, Sifuba o ipileditse ho baahi ho tswela pele ho tshireletsa le ho boloka dibaka tse jwalo ka lehae la morena Wetsi Monontsha Qwa Qwa le Lekgalo la nkgono Mantsopa hola Ladybrand le sebaka sa Motouleng.
Ka lehlakoreng le leng Morena Mokgalaka Sekonyela o re hona le thlokeho ya ho kgothaletsa le ho ruta batjha ba hajwale ka mekgwa ya ho phela, meetlo , boitshwaro jwalo ka baholoholo. Morena Sekonyela o re ebang setjhaba seka kgutlela setsong le meetlong hoo ekaba karabo mathateng amangata a tobaneng le setjhaba dilemo tsena tse holimo.
Sekonyela o re tlwaelo ya nako e fitileng hore ngwana ke wa setjhaba e lokelwa ho kenywa tshebetsong hape.
O seholotse batswadi ka ho nena maikarabelo a bona ho tataisa bana le ho ba ruta ho technology le mehala ya thekeng.
Moketeng ona setjhaba sene se thabiswa ka mmino wa SeSotho, mohobelo, mokhibo, ditolobonya le motjeko ka barwetsana rwe le bahlankana.